1 Timothea 5:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. O se ke wa kgarumela motho e moholo ho wena, empa o ipiletse ho yena jwaloka hoja ke ntatao. Tadima ba batjha e le baena ba hao,

2. basadi ba hodileng o ba tadime e le bo-mmao, basadi ba batjha e le dikgaitsedi tsa hao, ka bohlweki bohle.

3. Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela.

4. Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.

1 Timothea 5