5. hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo.
6. Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.
7. Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi.
8. Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.
9. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala.
10. Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang.
11. O ba laele, mme o ba rute tsena.
12. Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.
13. Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.
14. O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.
15. Thahasella dintho tsena, ikakgele ho tsona ka setotswana, hore katleho ya hao e tle e bonahale ho bohle.
16. Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang.