1 Timothea 1:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.

6. Ka ho fapoha tsena, ba bang ba kgelohetse dipolelong tsa bosawana.

7. Ba batla ho ba baruti ba Molao, empa ba hloka kutlwisiso ya tseo ba di bolelang, leha e le ya tseo ba di buang ba sa thekesele.

8. Re a tseba hore molao o lokile, haeba motho a o sebedisa ka nepo.

9. Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,

1 Timothea 1