1 Timothea 1:15-20 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.

16. Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.

17. Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!

18. Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,

19. o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.

20. Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.

1 Timothea 1