1 Samuele 30:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,

2. ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.

3. Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa.

1 Samuele 30