1 Samuele 3:17-21 BIBELE (SSO89SO)

17. Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.”

18. Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”

19. Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.

20. Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena.

21. Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.

1 Samuele 3