8. Yaba Davida o re ho Akishe: “Empa ke entseng? Ho tloha ka letsatsi leo ke fihlileng ka lona mona, ho fihlela kajeno, o fumane phoso efe ho mohlanka wa hao, hoo nke keng ka ya lwantsha dira tsa monga ka, kgosi ya ka?”
9. Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: <A se ke a ba a ya ntweng le rona!>
10. Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”
11. Kahoo Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita, mme Bafilesita bona ba nyolohela Jesereele.