1 Samuele 25:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane.

2. Ho ne ho ena le monna e mong Maone, eo motebo wa hae o neng o le Karamele. Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse dikete tse tharo, le dipodi tse sekete. O ne a le teng Karamele, ha ho ntse ho kutwa dinku tsa hae.

3. Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.

4. Ha Davida a le lehwatateng, a utlwa hore Nabale o ntse a kuta dinku tsa hae.

5. Yaba Davida o roma bahlankana ba leshome, mme a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karamele, le ye ho Nabale, le ntumedisetse yena.

6. Le tle le re ho yena: <Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona!

7. “ <Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.

8. Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.> ”

9. Bahlankana ba Davida ba fela ba fihla, ba bua le Nabale ba le lebitsong la Davida, ba mmolella tsohle tseo a di buileng, yaba ba a kgutsa.

10. Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.

1 Samuele 25