1 Samuele 20:11-21 BIBELE (SSO89SO)

11. Jonathane a re ho Davida: “Tloo, re ya hara naha.” Bobedi ba bona ba tsamaya, ba ya hara naha.

12. Jonathane a boela a re ho Davida: “Morena Modimo wa Iseraele, e be paki! Hosasane, ka yona nako ena, kapa ka letsatsi la boraro, ke tla botsa ntate. Haeba a o hopoletse tse molemo, ke tla o tsebisa.

13. Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.

14. Ha ke ntse ke phela, o mpontshe lerato la Morena, empa haeba ke eshwa,

15. o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.”

16. Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”

17. Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.

18. Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho.

19. Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.

20. Nna ke tla betsetsa metsu e meraro ka nqa ya moo o ipatileng teng, jwalokaha eka ke betsa pakane.

21. Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: <Tsamaya o yo batla metsu yane.> Ha nka ka re ho moshanyana eo: <Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke!> jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.

1 Samuele 20