1 Samuele 18:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.

12. Saule o ne a tshaba Davida, kahobane Morena o ne a ena le Davida, a furaletse Saule.

13. Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.

14. Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.

15. Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta.

16. Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele.

17. Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”

18. Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”

19. Yare ha Merabe, moradi wa Saule, a tshwanela ho newa Davida, yaba o newa Adariele wa Mehola, hore e be mosadi wa hae.

1 Samuele 18