14. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”
15. Samuele a ema, a tloha Gilegale, a nyolohela Gibea e Benjamine. Saule a bala batho bao a neng a ena le bona, mme ya eba banna ba ka bang makgolo a tsheletseng.
16. Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase.
17. Banna ba futuhang ba tswa diahelong tsa Bafilesita, ba le dihlopha di tharo. Sehlopha se seng sa nka tsela e yang Ofera, naheng ya Shuale;
18. sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng.
19. Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.”