12. Ka baka leo, ke ile ka re: <Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso.> ”
13. Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.
14. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”
15. Samuele a ema, a tloha Gilegale, a nyolohela Gibea e Benjamine. Saule a bala batho bao a neng a ena le bona, mme ya eba banna ba ka bang makgolo a tsheletseng.
16. Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase.
17. Banna ba futuhang ba tswa diahelong tsa Bafilesita, ba le dihlopha di tharo. Sehlopha se seng sa nka tsela e yang Ofera, naheng ya Shuale;
18. sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng.