1 Samuele 12:21-23 BIBELE (SSO89SO)

21. Le se ke la kgeloha, la latela dintho tsa mafeela, tse ke keng tsa le thusa ka letho, kapa tsa le namolela, hobane ke mafeela.

22. Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.

23. Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.

1 Samuele 12