1. Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.
2. Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: <Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang? ” >
3. “Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine.
4. Ba tla o dumedisa, ba o nee dinkgwa tse pedi, tseo o tla di nka matsohong a bona.
5. “Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.
6. Moya wa Morena o tla theohela hodima hao ka matla, mme le wena o tla porofeta jwaloka bona, o fetohe motho e mong osele.