8. ke lejwe le tla ba kgopa,lefika le tla ba thula.”Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.
9. Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.
10. Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.
11. Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.
12. Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.
13. Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle,
14. kapa tsa babusisi ba beilweng ke kgosi ho otla ba etsang tse mpe, le ho rorisa ba etsang tse ntle.
15. Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.
16. Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.
17. Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.
18. Lona bahlanka, ikokobeletseng beng ba lona ka tshabo yohle; e seng ba lokileng le ba mosa feela, empa le bona ba kgopo.
19. Ke ntho e ntle ha motho, ka baka la ho tshaba Modimo, a ka mamella mahlomola, a se na molato.
20. Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.
21. Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.