12. Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.
13. Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
14. Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo.
15. Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,
16. hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”
17. Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.