1 Johanne 5:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.

4. Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.

5. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?

6. Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.

7. Dipaki tse tharo di teng:

8. ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana.

9. Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae.

1 Johanne 5