1. Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.
2. Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.
3. Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae.
4. Ya reng: “Ke a mo tseba,” empa a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, ha a na nnete.
5. Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena.
6. Ya reng o phela ho yena, eka kgona le yena a tsamaye kamoo Jesu a neng a tsamaya kateng.
7. Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.