51. Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.
52. “O ke o ananele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, mme kamehla ha se ipiletsa ho wena o se utlwe.
53. Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”
54. Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong.
55. A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re:
56. “Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang.