42. dikgarenate tse makgolo a mane tsa lethose tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate, mola ka mong o ena le dikgarenate tse makgolo a mabedi, tse kgabisang dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya;
43. dikariki tse leshome le dikotlolo tse leshome, tse hodima tsona;
44. tanka e le nngwe le dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse neng di e jere,
45. le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo.Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.
46. Kgosi ya etsetsa dintho tsena phuleng ya Jorodane, e sethulelong se pakeng tsa Sukote le Saretane.
47. Dintho tsena tsohle Solomone a se ke a di bea sekaleng, hobane di ne di le ngata haholo; le boima ba lethose bo ne bo sa tsejwe.
48. Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang,
49. le didulwana tsa mabone tsa kgauta e hlwekileng, tse beilweng kapele ho Sehalalelo; tse hlano tsa didulwana di le ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi; le dipalesa, le mabone, le matlao a kgauta;
50. le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.