9. Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare.
10. Jwale a hlomathisa disolloro, tsa hahellwa lerakong la Tempele, ho e potapota; bophahamo ba e nngwe le e nngwe ya disolloro e le dimethara tse ka bang tharo, mme disolloro tsa kopanngwa le lerako ka difate tsa kedare.
11. Yaba lentswe la Morena le fihla ho Solomone, le re:
12. “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao.
13. Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”
14. Yaba Solomone o haha Tempele, o a e qeta.
15. Ho tloha moralong wa Tempele, ho ya fihla marulelong a yona, mabota a manehwa mapolanka a kedare, mme fatshe ho Tempele teng ha kokotellwa mapolanka a sefate sa modutu.
16. Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.
17. Bolelele ba Tempele, bo ka kwano ho motero, e ne e le dimethara tse leshome le metso e robedi.
18. Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.
19. Motsheotsheo ho Tempele a haha Sehalalelo, kamoo ho tla bolokwa areka ya selekane sa Morena kateng.
20. Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta.
21. Solomone a maneha bokahare ba Tempele ka kgauta e hlwekileng; monyakong o kenang ka Sehalalelong se halalelang ka ho fitisisa, se neng se manehilwe kgauta le sona, a etsa lesira ka diketane tsa kgauta.
22. Bokahare bohle ba Tempele a bo maneha kgauta ho fihlela mabota wohle a kwahelehile. Le aletare yohle, e neng e le pela Sehalalelo, a e maneha kgauta.
23. Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne.
24. Bolelele ba lepheo ka leng la kerubime ya pele bo ne bo fetafeta dimethara tse pedi, mme bolelele ba ho tloha ntlheng ya lepheo le leng ho isa ntlheng ya lepheo le leng bo fetafeta dimethara tse nne.
25. Le bolelele ba kerubime ya bobedi bo ne bo fetafeta dimethara tse nne. Dikerubime tsena tse pedi di ne di lekana ka boholo, di tshwana le ka sebopeho.
26. Bophahamo ba kerubime e nngwe le e nngwe bo ne bo fetafeta dimethara tse nne.
27. Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.
28. Dikerubime tsena a di maneha kgauta.
29. Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.