12. “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao.
13. Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”
14. Yaba Solomone o haha Tempele, o a e qeta.
15. Ho tloha moralong wa Tempele, ho ya fihla marulelong a yona, mabota a manehwa mapolanka a kedare, mme fatshe ho Tempele teng ha kokotellwa mapolanka a sefate sa modutu.
16. Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.
17. Bolelele ba Tempele, bo ka kwano ho motero, e ne e le dimethara tse leshome le metso e robedi.
18. Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.
19. Motsheotsheo ho Tempele a haha Sehalalelo, kamoo ho tla bolokwa areka ya selekane sa Morena kateng.
20. Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta.
21. Solomone a maneha bokahare ba Tempele ka kgauta e hlwekileng; monyakong o kenang ka Sehalalelong se halalelang ka ho fitisisa, se neng se manehilwe kgauta le sona, a etsa lesira ka diketane tsa kgauta.
22. Bokahare bohle ba Tempele a bo maneha kgauta ho fihlela mabota wohle a kwahelehile. Le aletare yohle, e neng e le pela Sehalalelo, a e maneha kgauta.
23. Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne.