1 Dikgosi 4:7-20 BIBELE (SSO89SO)

7. Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo.

8. Mabitso a bona ke ana: Mora wa Hure o ne a le naheng e maralla ya Efraime;

9. mora wa Dekere a le Makase, le Shaalebime, le Bete-Shemeshe, le Elone e Bete-Hanane;

10. mora wa Hesede a le Arubote, a okametse Soko le naha yohle ya Hefere;

11. mora wa Abinadabe, ya neng a nyetse Tafate, moradi wa Solomone, a okametse ditereke tsohle tsa Dore.

12. Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.

13. Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.

14. Ahinadabe, mora wa Ido, a le Mahanaime;

15. Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali.

16. Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote;

17. Jehoshafate, mora wa Parua, a le naheng ya Isakare;

18. Shimei, mora wa Ela, a le naheng ya Benjamine;

19. Gebere, mora wa Uri, a le Gileade, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, le naheng ya Oge, kgosi ya Bashane. E ne e le yena feela mmusi wa naha eo.

20. Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.

1 Dikgosi 4