1 Dikgosi 4:25-31 BIBELE (SSO89SO)

25. Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.

26. Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

27. E mong le e mong wa babusi ba ditereke o ne a tlisetsa kgosi Solomone dijo ka kgwedi eo a e kgethetsweng, mme ho sa haelle letho.

28. Mmusi ka mong, ho ya kamoo a laetsweng kateng, o ne a isa harese le seteroi moo di hlokwang teng, e le dijo tsa dipere tse hulang dikariki tsa ntwa, le tse palangwang.

29. Modimo a nea Solomone bohlale bo makatsang, le kutlwisiso e makatsang, le tsebo e ngata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle.

30. Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.

31. O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.

1 Dikgosi 4