31. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”
32. Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate ba re: “Ruri enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo seohela. Jehoshafate a hlaba mokgosi,
33. mme yare ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa.
34. Mohlabani e mong a betsa motsu wa hae feela, a sa o lebisa ho motho, mme ka lehlohonolo a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.”
35. Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa.
36. Ha letsatsi le dikela, ha phatlalatswa hara mabotho, ha thwe: “Monna ka mong a kgutlele motseng wa habo, monna ka mong a kgutlele naheng ya habo.”