1 Dikgosi 22:24-32 BIBELE (SSO89SO)

24. Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”

25. Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kahare ho ya ipata, ke mohla o tla tseba.”

26. Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,

27. le re: <Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.> ”

28. Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”

29. Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate kgosi ya Juda ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade.

30. Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse.

31. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”

32. Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate ba re: “Ruri enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo seohela. Jehoshafate a hlaba mokgosi,

1 Dikgosi 22