1 Dikgosi 21:22-29 BIBELE (SSO89SO)

22. Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”

23. Morena a bua le ka Jesebele, a re: “Dintja di tla jella setopo sa Jesabele kahara motse wa Jesereele.

24. Mang kapa mang wa lelapa la Akabe ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”

25. Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.

26. A etsa manyala ka ho latela medingwana ya bohata, le ka ho etsa tsohle tse neng di etswa ke Baamore, bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.

27. Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.

28. Lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re:

29. “Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”

1 Dikgosi 21