1 Dikgosi 20:24-30 BIBELE (SSO89SO)

24. Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho.

25. Kgobokanya mabotho a lekanang le a ileng a bolawa; dipere di be kaalo ka tsa pele, le dikariki tsa ntwa di be kaalo ka tsa pele. Re tla ba lwantshetsa phuleng, mme ruri re tla ba hlola.” Yaba o mamela seo ba se buang, mme a etsa jwalo.

26. Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.

27. Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.

28. Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: <Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.> ”

29. Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.

30. Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.

1 Dikgosi 20