1. Ha nako ya ho shwa ha Davida e se e atametse, a laya Solomone, mora wa hae, a re:
2. “Ke se ke ikela boyabatho. Eba sebete, o tshware senna.
3. Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.
4. Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: <Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.>
5. “Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.