1 Dikgosi 19:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Akabe a tsebisa Jesabele tsohle tseo Elia a di entseng, le kamoo a ileng a bolaya baporofeta ba Baale ka sabole kateng.

2. Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”

3. Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.

4. Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”

5. Ha a ntse a paqame, a kgalehile katlasa sehlahla sa tshinabele, lengeloi la mo sisinya, la re ho yena: “Tsoha, o je!”

6. Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.

7. Lengeloi la Morena la boela la tla kgetlo la bobedi, la mo sisinya, la re: “Tsoha, o je, ho seng jwalo leeto lena le tla o imela.”

8. Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.

9. Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”

1 Dikgosi 19