1 Dikgosi 16:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.

27. Ditaba tse ding tsa Omeri, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

28. Omeri a shwa, mme a epelwa Samaria. Akabe, mora wa hae, a mo hlahlama.

29. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.

30. Empa a etsa tse mpe mahlong a Morena, ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.

31. A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.

32. A hahela Baale tempele Samaria, mme kahara yona a mo hahela aletare.

33. Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena.

34. Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune.

1 Dikgosi 16