1 Dikgosi 15:27-34 BIBELE (SSO89SO)

27. Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.

28. Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.

29. Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo.

30. Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela.

31. Ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tseo e ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

32. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.

33. Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.

34. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

1 Dikgosi 15