12. Yaba ntata bona o re ho bona: “Moporofeta eo o ile a nka tsela efe?” Bara ba hae ba ne ba ile ba bona hore na moporofeta eo ya tswang Juda o nkile tsela efe.
13. Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela tonki, mme a e palama.
14. A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?”Yena a re: “E, ke nna.”
15. Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “A re ye le wena ha ka, re yo fumana dijo.”
16. Empa moporofeta wa Modimo a re: “Nke ke ka kgutla le wena, kapa ka ya ha hao; hape nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi le wena, sebakeng sena.
17. Morena o ile a re ho nna: <O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi sebakeng seo; le ho kgutla o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng wa ya ka yona.> ”
18. Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: <Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.> ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.
19. Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi.
20. Ha ba ntse ba eja, lentswe la Morena la fihlela moporofeta enwa wa leqheku ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo.
21. Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: <O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona.