1 Dikgosi 13:11-25 BIBELE (SSO89SO)

11. Ho ne ho ena le moporofeta wa leqheku, ya neng a ahile Bethele. Bara ba hae ba fihla ba mmolella mesebetsi yohle eo moporofeta wa Modimo a e entseng moo Bethele ka letsatsi leo. Ba mmolella le dipuo tseo a ileng a di bua ho kgosi.

12. Yaba ntata bona o re ho bona: “Moporofeta eo o ile a nka tsela efe?” Bara ba hae ba ne ba ile ba bona hore na moporofeta eo ya tswang Juda o nkile tsela efe.

13. Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela tonki, mme a e palama.

14. A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?”Yena a re: “E, ke nna.”

15. Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “A re ye le wena ha ka, re yo fumana dijo.”

16. Empa moporofeta wa Modimo a re: “Nke ke ka kgutla le wena, kapa ka ya ha hao; hape nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi le wena, sebakeng sena.

17. Morena o ile a re ho nna: <O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi sebakeng seo; le ho kgutla o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng wa ya ka yona.> ”

18. Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: <Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.> ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.

19. Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi.

20. Ha ba ntse ba eja, lentswe la Morena la fihlela moporofeta enwa wa leqheku ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo.

21. Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: <O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona.

22. O ile wa kgutla, mme o jele dijo, wa ba wa nwa le metsi sebakeng seo ke ileng ka re ho wena ka sona: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi. Ka baka lena, setopo sa hao se ke ke sa epelwa mabitleng a bontatao.> ”

23. Kamora hoba a je dijo, a nwe metsi, moporofeta wa leqheku a qhanehela moporofeta eo a ileng a mo kgutlisa tseleng, tonki.

24. Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona.

25. Batho ha ba feta ba bona setopo se rapaletse kahara tsela, tau e eme pela sona. Ba fihla motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona, mme ba pheta taba eo.

1 Dikgosi 13