1 Dikgosi 12:26-33 BIBELE (SSO89SO)

26. Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida.

27. Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.”

28. Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”

29. A bea modimo o mong Bethele, o mong a o bea Dane.

30. Ntho ena ya eba sebe, hobane setjhaba se ile sa ya Bethele le Dane ho ya rapela.

31. Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista.

32. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile.

33. Ka lona letsatsi leo la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, e leng kgwedi eo a neng a ikgethetse yona ka ho rata, a nyehella hodima aletare eo a e hahileng Bethele. A etsetsa bana ba Iseraele mokete; a nyehella hodima aletare, a tjhesa mokubetso.

1 Dikgosi 12