18. Jwale kgosi Rehoboame a roma Adorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho Baiseraele, empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka lena, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.
19. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida.
20. Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.
21. Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele, hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena, e leng yena mora wa Solomone.
22. Empa lentswe la Modimo la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re:
23. “Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda le bohle ba morabe wa Juda, le bohle ba morabe wa Benjamine, le setjhaba sohle, o re:
24. <Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna.> ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena.
25. Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele.
26. Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida.