1. Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi.
2. Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta, a utlwa tsena, a nna a dula moo Egepeta. O ne a ile a baleha kgosi Solomone, a ya phela Egepeta.
3. Yaba jwale Jeroboame o a latwa, mme yena le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba fihla ho Rehoboame, ba re:
4. “Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”
5. Rehoboame a re ho bona: “Ako mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.
6. Jwale a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”
7. Ba re ho yena: “Haeba ho tloha kajeno o ka ba mohlanka wa setjhaba sena, wa se sebeletsa, wa bua le sona hantle ha o se araba, e tla ba bahlanka ba hao.”
8. Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.
9. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng ho nna: <Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona>?”
10. Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: <Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,> o tle o se arabe tjena, o re: <Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.
11. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.> ”
12. Ka letsatsi la boraro bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.”
13. Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona.
14. A bua le sona ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”
15. Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.
16. Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re:“Re amana ka dife le Davida?Mora wa Jese hase letho ho rona!Ha re ka ke ra fumana lethoho yena!Baiseraele, motho le motholapeng la hae!Davida, sala le morabe wa heno!”Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.