7. Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka, empa ruri ba mpoleletse dinyane feela: Bohlale ba hao, le katleho ya hao di feta botumo boo ke bo boleletsweng.
8. Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.
9. Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”
10. Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone.
11. Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa.
12. Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa difate tsa alemaka tse kang tsena; le ho bonwa ha di eso bonwe ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
13. Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa, kantle ho dimpho tseo kgosi e mo fileng tsona ka ho rata. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.
14. Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,
15. ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi, le ka dithelo tse neng di etswa ho dikgosi tsa Arabia, le babusi ba ditereke tsa Iseraele.
16. Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng.
17. A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse pedi. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone.
18. Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya a maneha kgauta e hlwekisitsweng.