11. Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa.
12. Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa difate tsa alemaka tse kang tsena; le ho bonwa ha di eso bonwe ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
13. Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa, kantle ho dimpho tseo kgosi e mo fileng tsona ka ho rata. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.
14. Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,
15. ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi, le ka dithelo tse neng di etswa ho dikgosi tsa Arabia, le babusi ba ditereke tsa Iseraele.
16. Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng.
17. A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse pedi. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone.
18. Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya a maneha kgauta e hlwekisitsweng.
19. Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, bokahodimo ba terone bo le botjhitja kamorao, ho ena le letsoho la ho itshetleha ka lehlakoreng le leng le le leng la setulo, mme pela matsoho ao ho eme ditau tse pedi.