17. Batesheba a re ho kgosi: “Monga ka, wena o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao ka lebitso la Morena Modimo wa hao, wa re: <Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka.>
18. Jwale ke mona kgosi ke Adoniya, empa wena, monga ka, o sa tsebe letho.
19. O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone.
20. Jwale monga ka, kgosi ya ka, Baiseraele bohle ba shebile wena; ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang ya tla o hlahlama.
21. Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!”
22. Yare a sa ntsane a bua le kgosi, moporofeta Nathane a kena.
23. Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi.