1 Diketsahalo 8:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Bana ke bara ba Ehude, e leng bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Geba, ba ileng ba fallisetswa Manahate.

7. Bara bao ba Ehude e ne e le Naamane, le Ahiya, le Gera. Ke Gera, ntata Usa le Ahihude ya ileng a ba fallisetsa Manahate.

8. Hoba Shaharaime a hlale Hushime le Baara, basadi ba hae, o ile a tswala bana ha a le naheng ya Moabe.

9. Bara bao Hodeshe, mosadi wa hae, a ileng a mo tswalla bona, e ne e le Jobabe, le Sebiya, le Mesha, le Malekame,

10. le Jeuse, le Shakiya, le Mirema. Bara bana ba hae e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.

11. Hushime o ne a ile a mo tswalla bara bana: Abitube le Elepaale.

1 Diketsahalo 8