1 Diketsahalo 7:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Bara ba Isakare e ne e le Tola, le Pua, le Jashobe, le Shimerone. Kaofela ba ne ba le bane.

2. Bara ba Tola e ne e le Usi, le Refaya, le Jeriele, le Jahemai, le Jibesame, le Samuele. E ne e le dihlooho tsa malapa a ntata bona Tola, e bile e le bahale. Mehleng ya Davida palo ya ditloholo tsa Tola e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le makgolo a tsheletseng.

3. Mora wa Usi e ne e le Jiserahiya, bara ba Jiserahiya e le Mikaele, le Obadiya, le Joele, le Jishiya. Ba ne ba le bahlano. Kaofela ha bona e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.

4. Ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo bona, ba ne ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng, kaha ba ne ba nyetse sethepu, mme ba ena le bana ba bangata.

5. Bang ka bona, e leng ba leloko lohle la Isakare, e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a robedi a metso e supileng.

1 Diketsahalo 7