26. Ahimote a tswala Elekana, Elekana a tswala Sofai, Sofai a tswala Nahate,
27. Nahate a tswala Eliabe, Eliabe a tswala Jerohame, Jerohame a tswala Elekana, Elekana a tswala Samuele.
28. Bara ba Samuele: Joele ke letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Abiya.
29. Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,
30. Usa a tswala Shima, Shima a tswala Hagiya, Hagiya a tswala Asaya.
31. Bana ke banna bao Davida a ileng a ba kgetha ho tsamaisa mmino ka Tempeleng ya Morena, kamora hoba areka e fihle Jerusalema.