14. Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka.
15. Jehosadaka ya eba mothopuwa ha Morena a etsa hore Nebukadenesare a thope Juda le Jerusalema.
16. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.
17. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone: Lebeni, le Shimei.
18. Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.
19. Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona.
20. Ba lelapa la Gereshone: Gereshone a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Johate, Johate a tswala Simma,
21. Simma a tswala Jowa, Jowa a tswala Ido, Ido a tswala Sera, Sera a tswala Jeaterai.
22. Bara ba Kohate: Kohate a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Kora, Kora a tswala Asire,
23. Asire a tswala Elekana, Elekana a tswala Abiasafo, Abiasafo a tswala Asire,