7. Lenaneng la bana babo, ho ya ka malapa abo bona, ke kgosana Jeiele, le Sekariya,
8. le Bela ya tswetsweng ke Asase, Asase ya tswetsweng ke Shema, Shema ya tswetsweng ke Joele. Naha ya bona, e ne e tloha Arowere, ho ya fihla Nebo, le Baale-Meone.
9. Ka botjhabela ba aha ho tloha qetheng ya lehwatata le ilo fihla nokeng ya Euferatese, hobane mehlape ya bona e ne e ile ya ata ha ba le Gileade.
10. Nakong ya puso ya Saule ba futuhela Bahagare, mme ba ba hlola. Yaba ba se ba kena ditenteng tsa Bahagare, naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade.
11. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile naheng ya Bashane, ho ya fihla Saleka.
12. Moo Bashane, Joele e ne e le kgosana ya bona, Shafame a mo hlahlama, e ntano ba Janai, le Shafate.
13. Bang ka bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le Mikaele, le Meshulame, le Sheba, le Jorai, le Jakane, le Sia, le Ebere. Ba ne ba supile.
14. Bana ke bona bara ba Abihaele, mora wa Huri, ya tswetsweng ke Jarowa, Jarowa wa Gileade, Gileade wa Mikaele, Mikaele wa Jeshishai, Jeshishai wa Jahedo, Jahedo wa Buse.
15. Ahi, mora wa Abadiele, setloholo sa Guni, e ne e le yena kgosana ya malapa ana.
16. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng.
17. Tsena tsohle di ile tsa ngolwa lenaneng la ditaba tsa bona mehleng ya ha Jotame e le kgosi ya Juda, Jeroboame yena e le kgosi ya Iseraele.