1 Diketsahalo 5:21-26 BIBELE (SSO89SO)

21. Ba hapa mehlape ya bona, e le dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse dikete tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, le ditonki tse dikete tse pedi. Ba thopa le bahlabani ba dikete tse lekgolo.

22. Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa.

23. Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.

24. Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona.

25. Empa ba sitelwa Modimo wa bontata bona, ba kgumamela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo a ileng a di fedisa kapele ho bona.

26. Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.

1 Diketsahalo 5