1 Diketsahalo 5:12-26 BIBELE (SSO89SO)

12. Moo Bashane, Joele e ne e le kgosana ya bona, Shafame a mo hlahlama, e ntano ba Janai, le Shafate.

13. Bang ka bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le Mikaele, le Meshulame, le Sheba, le Jorai, le Jakane, le Sia, le Ebere. Ba ne ba supile.

14. Bana ke bona bara ba Abihaele, mora wa Huri, ya tswetsweng ke Jarowa, Jarowa wa Gileade, Gileade wa Mikaele, Mikaele wa Jeshishai, Jeshishai wa Jahedo, Jahedo wa Buse.

15. Ahi, mora wa Abadiele, setloholo sa Guni, e ne e le yena kgosana ya malapa ana.

16. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng.

17. Tsena tsohle di ile tsa ngolwa lenaneng la ditaba tsa bona mehleng ya ha Jotame e le kgosi ya Juda, Jeroboame yena e le kgosi ya Iseraele.

18. Ba morabe wa Rubene le ba morabe wa Gade, le halofo ya ba morabe wa Manase, ba ne ba ena le bahale ba tsebang ho lwana ka thebe le sabole, ba tsebang le ho fula ka metsu, ba kwetliseditsweng ntwa. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng.

19. Ba futuhela Bahagare, le Bajeture, le Banafishe, le Banodabe.

20. Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.

21. Ba hapa mehlape ya bona, e le dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse dikete tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, le ditonki tse dikete tse pedi. Ba thopa le bahlabani ba dikete tse lekgolo.

22. Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa.

23. Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.

24. Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona.

25. Empa ba sitelwa Modimo wa bontata bona, ba kgumamela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo a ileng a di fedisa kapele ho bona.

26. Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.

1 Diketsahalo 5