1 Diketsahalo 5:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.

2. Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa.

3. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke bana: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.

4. Bara ba Joele ke Shemaya ya tswetseng Gogo, Gogo ya tswetseng Shimei.

5. Shimei yena a tswala Mmika, Mmika a tswala Reaya, Reaya a tswala Baala,

6. Baala a tswala Beera, eo Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a ileng a mo thopa. E ne e le yena kgosana ya ba morabe wa Rubene.

7. Lenaneng la bana babo, ho ya ka malapa abo bona, ke kgosana Jeiele, le Sekariya,

8. le Bela ya tswetsweng ke Asase, Asase ya tswetsweng ke Shema, Shema ya tswetsweng ke Joele. Naha ya bona, e ne e tloha Arowere, ho ya fihla Nebo, le Baale-Meone.

9. Ka botjhabela ba aha ho tloha qetheng ya lehwatata le ilo fihla nokeng ya Euferatese, hobane mehlape ya bona e ne e ile ya ata ha ba le Gileade.

10. Nakong ya puso ya Saule ba futuhela Bahagare, mme ba ba hlola. Yaba ba se ba kena ditenteng tsa Bahagare, naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade.

11. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile naheng ya Bashane, ho ya fihla Saleka.

1 Diketsahalo 5