8. le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume.
9. Hasobeba o ne a hlompheha ho feta bana babo. Mmae o ne a ile a mo rea lebitso la Jabese, hobane o ne a re: “Ke ile ka mmeleha ka mahlaba a maholo.”
10. Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.
11. Kelobe, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, Mehire a tswala Eshetone,
12. Eshetone a tswala Bete-Rafa, le Paseya, le Tehina, Tehina a tswala Ire-Nahashe. Bana ke bona baahi ba Reka.
13. Bana ke bara ba Kenase: Oteniele, le Seraya. Bara ba Oteniele ke Hatate le Meonotai.
14. Meonotai a tswala Ofera. Seraya a tswala Joabe. Joabe a thea motse o bitswang Kgohlo ya Ditsebi, hobane baahi ba wona e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.
15. Bana ke bara ba Kalebe, mora wa Jefune: Iru, le Ela, le Naame. Mora wa Ela ke Kenase.
16. Bana ke bara ba Jehalelele: Sife, le Sifa, le Tiriya, le Asarele.