1 Diketsahalo 4:38-41 BIBELE (SSO89SO)

38. Banna bana ba boletsweng kahodimo e ne e le mahosana a merabe yabo bona. Malapa abo bona a ata.

39. Ba nna ba tsamaya ho ya fihla kantle ho meedi ya Gedore, le ho ya fihla botjhabela ho kgohlo, ba ntse ba batlela mehlape ya bona makgulo.

40. Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame.

41. Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo.

1 Diketsahalo 4